LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 32:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 4 A nka kgauta ho bona mme a bopa setshwantsho* sa namane+ ka yona a sebedisa thulusi e betlang. Yaba ba re: “Enwa ke Modimo wa hao, wena Iseraele, ya o etelletseng pele ho tswa naheng ya Egepeta.”+

  • Deuteronoma 7:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Ho ena le hoo, le etse tjena ho ditjhaba tseo: Le heletse dialetare tsa tsona, le dihe dipilara tsa tsona tse halalelang,+ le kgaole dipalo tsa tsona tse halalelang*+ mme le tjhese le ditshwantsho tsa tsona tse betlilweng.+

  • Deuteronoma 7:25
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 25 Le tjhese ditshwantsho tsa medimo ya tsona mollong.+ Le se ke la kgalla silevera le kgauta e ho tsona kapa la inkela yona+ e le hore e se ke ya le tshwasa hobane ke ntho e nyonyehang ho Jehova Modimo wa lona.+

  • Baahlodi 17:3, 4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Yaba o kgutlisetsa dikotwana tsa silevera* tse 1 100 ho mme wa hae empa mme wa hae a re: “Ke tla halaletsa silevera ena e tswang letsohong la ka ho Jehova e le hore mora wa ka a ka e sebedisetsa ho etsa setshwantsho le seemahale sa tshepe.+ Jwale ke tla e kgutlisetsa ho wena.”

      4 Ka mora ho kgutlisetsa silevera ho mme wa hae, mme wa hae a nka dikotwana tsa silevera* tse 200 a di neha motho ya etsang dintho tsa silevera. Motho eo a etsa setshwantsho le seemahale sa tshepe* mme tsa behwa ka tlung ya Mikea.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share