LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 16:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Le thabe nakong ya mokete wa lona,+ lona le bara ba lona, baradi ba lona, makgoba a lona a banna le a basadi, Balevi, baditjhaba, dikgutsana* le bahlolohadi ba ka hara metse ya lona.

  • Pesaleme 42:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  4 Ke hopola dintho tsena ebe ke o phetlela sefuba*

      Hobane ke ne ke tsamaya le batho ba bangata.

      Ke ne ke tsamaya butle ka pela bona ho ya ntlong ya Modimo,

      Re hweleditse re thabile re bile re leboha

      Jwalo ka letshwele le entseng mokete.+

  • Jeremia 33:10, 11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Jehova o re: ‘Sebakeng sena seo le tla re ha se na letho, moo ho se nang motho kapa phoofolo le metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema tse fetohileng dithako, tse se nang motho kapa moahi kapa phoofolo, ho tla boela ho utlwahale 11 modumo wa batho ba thabileng le ba nyakaletseng,+ lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, lentswe la ba reng: “Lebohang Jehova wa mabotho hobane Jehova o molemo.+ Lerato la hae ha le fele le ka mohla.”’+

      ‘Ba tla tlisa dinyehelo tsa teboho ka tlung ya Jehova+ etswe ke tla kgutlisa batho ba hapuweng ba naha feela jwalo ka pele,’ ke Jehova ya tjhong.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share