LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Esaia 4:2
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 2 Letsatsing leo, dijalo tseo Jehova a di medisang di tla atleha mme di tlokome. Baphonyohi ba Iseraele ba tla thaba le ho ba motlotlo ka ditholwana tsa naha.+

  • Esaia 27:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  6 Matsatsing a tlang Jakobo o tla mela ka metso,

      Iseraele o tla hlahisa dithunthung mme a hlomele.+

      Ba tla tlatsa naha ka dihlahiswa.+

  • Esaia 35:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  6 Ka nako eo, ya holofetseng o tla tlolatlola jwalo ka kgama,+

      Ya sa kgoneng ho bua o tla hweletsa a thabile.+

      Metsi a tla kolla lefeelleng

      Le melapo e phalle lehwatateng.

  • Esaia 51:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  3 Jehova o tla tshedisa Sione,+

      A tshedise dithako tsohle tsa yona+

      Mme o tla etsa hore lefeella la yona le be jwalo ka Edene+

      Le lehwatata* la yona le be jwalo ka serapa sa Jehova.+

      Thabo e kgaphatsehang le nyakallo di tla fumanwa ho yona,

      Diteboho le pina e monate.+

  • Ezekiele 36:35
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 35 Batho ba tla re: “Naha e neng e omeletse ebile e se na letho e se e tshwana le serapa sa Edene+ le metse e neng e senyehile e se na letho ebile e wele, hona jwale e se e ena le baahi ebile ke dibaka tse sireletsehileng.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share