Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Levitike 26:26
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 26 Ha ke senya sebaka* seo le bolokang bohobe*+ ho sona, basadi ba leshome ba tla baka bohobe ba lona ka ontong e le nngwe. Ba tla bekga bohobe ba lona ebe ba le fa bo bonyenyane.+ Le tla ja empa le ke ke la kgora.+

  • Deuteronoma 28:49
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 49 Jehova o tla romela setjhaba se tswang hole,+ se tswang qetellong ya lefatshe hore se le hlasele, se tla le fofela jwalo ka ntsu,+ setjhaba seo le ke keng la utlwisisa puo ya sona,+

  • Deuteronoma 28:51
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 51 Se tla ja mehlape ya lona le ditholwana tsa naha ya lona ho fihlela le fedisitswe. Se ke ke sa le siela dijo, veine e ntjha kapa oli, manamane kapa dikonyana ho fihlela se le fedisitse.+

  • Jeremia 37:21
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 Morena Tsedekia a fana ka taelo ya hore Jeremia a kwallwe ka tlung e ka Lebaleng la Balebedi.+ O ne a fuwa bohobe bo tswang seterateng sa baapehi letsatsi le leng le le leng,+ ho fihlela bohobe bohle bo fela motseng.+ Jeremia a nna a dula Lebaleng la Balebedi.

  • Ezekiele 4:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 A boela a re ho nna: “Mora motho, ke etsa hore ho se ke ha eba le dijo* Jerusalema.+ Baahi ba moo ba tla ja bohobe bo lekantsweng ba tshwenyehile+ le metsi ba tla nwa a lekantsweng ba tshohile haholo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela