-
2 Marena 18:19-25Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
19 Ka hoo, Rabshake a re ho bona: “Ke kopa le re ho Ezekiase: ‘Morena e moholo, morena wa Asiria o re: “O tshepileng?+ 20 O ipoleletse hore o na le leqheka le matla a ho lwana empa mantswe ao ha a na thuso. Ebe o tshepile mang, ha o le sebete sa ho mphetohela tjee?+ 21 O tshepile hore o tla itshetleha ka Egepeta,+ lehlaka le robehileng, le ka hlabang la ba la phunya seatla sa motho ya ka itshetlehang ka lona. Faro morena wa Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepang. 22 Haeba o re le tshepile Jehova Modimo wa lona,+ na ha se wena Ezekiase ya ileng a tlosa dibaka tse phahameng le dialetare tsa hae+ yaba o re batho ba Juda le ba Jerusalema ba kgumame ka pela aletare e Jerusalema?”+ 23 Jwale ke kopa o etse tumellano ena le kgosi ya ka morena wa Asiria: Ke tla o fa dipere tse 2 000 haeba o ka di fumanela bapalami.+ 24 Le hoja Egepeta e ka le fa dikariki tsa ntwa le banna ba palamang dipere, le ke ke la hlola esita le letona la boemo bo tlase la morena wa rona. 25 Na o nahana hore ke hlasetse sebaka see ntle ho tumello ya Jehova? Jehova ke yena ya itseng ke hlasele naha ena mme ke e fedise.’”
-