-
2 Marena 20:1-3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
20 Matsatsing ao Ezekiase a kulela lefu.+ Yaba moprofeta Esaia mora wa Amoze o fihla ho yena o re, “Jehova o re: ‘Fana ka ditaelo ho ba lelapa la hao hobane o ke ke wa fola empa o tla shwa.’”+ 2 A sheba leboteng mme a rapela Jehova a re: 3 “Ke a o kopa hle Jehova, ke kopa o hopole ka moo ke o sebeleditseng ka botshepehi ka teng le ka pelo yohle mme ke etsa dintho tse o thabisang.”+ Ezekiase a lla ha bohloko.
-