-
2 Marena 20:8-11Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
8 Ezekiase a re ho Esaia: “Pontsho ke efe+ ya hore Jehova o tla mphodisa le hore ka letsatsi la boraro ke tla ya ntlong ya Jehova?” 9 Esaia a re: “Ena ke pontsho e tswang ho Jehova e o bontshang hore Jehova o tla phethahatsa seo a se buileng: O batla hore moriti o ditepising* o ye pele kapa morao ka mehato e leshome?”+ 10 Ezekiase a re: “Ho bonolo hore moriti o ye pele ka mehato e leshome empa eseng hore o ye morao ka mehato e leshome.” 11 Moprofeta Esaia a rapela Jehova ka lentswe le phahameng mme Modimo a etsa hore moriti o ditepising tsa Akaze o kgutlele morao ka mehato e leshome.+
-