-
Jeremia 5:26-28Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
26 Etswe hara setjhaba sa ka ho na le batho ba kgopo.
Ba ntse ba nyarela jwalo ka batshwasi ba dinonyana ha ba kgukguna ba di laletse.
Ba tjheha sefi se bolayang.
Ba tshwasa batho.
Ke ka hoo ba leng matla ba bileng ba ruileng.
28 Ba nonne ebile ba a benya.
Bokgopo ba bona bo hlotse!
Ha ba buelle nyewe ya kgutsana+
E le hore ba ka atleha.
Ha ba ahlolele bafutsana ka toka.’”+
-
-
Mikea 2:1, 2Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
2 “Ba rerang dintho tse kotsi ba tla ba mahlomoleng,
Ba nahanang ka dintho tse mpe dibetheng tsa bona.
Hoseng ba phetha merero eo ya bona
Hobane ba na le matla a ho etsa jwalo.+
2 Ha ba batla masimo, ba a a nka.+
Ha ho ena le ntlo eo ba e ratang, ba a e nka.
Ba etsetsa motho bolotsana hore ba nke ntlo ya hae+
Le hore ba fumane lefa la hae.
-