7 Jehova a re ho Moshe: “Ke o entse hore o be jwalo ka Modimo ho Faro mme abuti wa hao Arone e tla ba moprofeta wa hao.+ 2 O tla bolella abuti wa hao Arone ditaelo tsohle tseo ke tla o fa tsona, yena o tla bua le Faro mme Faro o tla leleka Baiseraele naheng ya hae.