Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Pesaleme 85:2
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  2 O hlakotse diphoso tsa batho ba hao.

      O ba tshwaretse* dibe tsohle.+ (Selah)

  • Esaia 40:2
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  2 Tshedisang* Jerusalema,

      Le mo bolelle hore nako ya mahlomola a hae e fedile,

      Hore molato wa hae o lefuwe.+

      Jehova o mo file kotlo e lekaneng hantle* bakeng sa dibe tsohle tsa hae.”+

  • Esaia 43:25
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 25 Nna, ke nna ya lebalang diphoso tsa hao*+ molemong wa ka.+

      Nke ke ka hopola dibe tsa hao.+

  • Jeremia 31:34
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 34 Jehova o re: “Ba ke ke ba hlola ba ruta baahisani ba bona le bana ba bo bona ba re: ‘Tsebang Jehova’+ hobane kaofela ba tla ntseba, ho tloha ho mofutsana ho ya ho morui.+ Ke tla tshwarela diphoso tsa bona mme ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.”+

  • Mikea 7:18
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 Na o teng Modimo ya tshwanang le wena,

      Ya tshwarelang diphoso le ya lebalang melato+ ya ba setseng ba setjhaba sa Iseraele?+

      Ha o dule o halefile,

      O thabela ho bontsha batho lerato.*+

  • Zakaria 13:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 “Letsatsing leo, ditloholo tsa Davida le baahi ba Jerusalema ba tla tjhekelwa sediba hore ba hlwekiswe sebeng le diketsong tsa bona tse ditshila.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela