1Ana ke mantswe a Jeremia* mora wa Hilkia, e mong wa baprista ba neng ba le Anathothe+ naheng ya Benjamine: 2 Jehova o ile a bua le nna mehleng ya Josiase+ mora wa Amone,+ morena wa Juda, ka selemo sa bo13 sa puso ya Josiase.
3 “Ho tloha selemong sa bo13 sa puso ya Josiase+ mora wa Amone, morena wa Juda, ho fihlela hona jwale, ka dilemo tsena tse 23, Jehova o ile a bua le nna. Yaba nna ke bua le lona ka makgetlokgetlo* empa le ne le sa mamele.+