-
2 Dikronike 34:20, 21Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
20 Morena a re ho Hilkia, Akikame+ mora wa Shafane, Abdone mora wa Mikea, mongodi Shafane le Asaia mohlanka wa morena: 21 “Tsamayang le yo mpotsetsa ho Jehova, le botsetse le batho ba setseng Iseraele le Bajuda mabapi le mantswe a buka ena e fumanweng. Jehova o tla re halefela haholo hobane baholoholo ba rona ha ba a mamela mantswe a Jehova mme ha ba a etsa dintho tsohle tse ngotsweng bukeng ena.”+
-
-
Jeremia 39:13, 14Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
13 Ka hoo, Nebuzaradane mookamedi wa balebedi, Nebushazbane Morabsarise,* Nergale-sharezere Morabemake* le banna bohle ba ka sehloohong ba morena wa Babilona ba roma banna 14 hore ba tlose Jeremia Lebaleng la Balebedi+ mme ba mo ise ho mora wa Akikame+ e leng Gedalia+ setloholo sa Shafane,+ hore a ye ntlong ya Gedalia. Ka hoo, Jeremia a lokollwa mme a phela le setjhaba.
-