-
Jeremia 25:8, 9Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
8 Ka hoo, Jehova wa mabotho o re: ‘Ka ha ha le a ka la mamela mantswe a ka, 9 ke bitsa batho ba ditjhaba tsohle tsa leboya,’+ ke Jehova ya tjhong. ‘Ke bitsa Nebukadnezare* morena wa Babilona, mohlanka wa ka.+ Ke tla ba tlisa hore ba futuhele naha ena,+ baahi ba yona le ditjhaba tsena tsohle tse e potolohileng.+ Ke tla le fedisa mmoho le ditjhaba tsena, ke le etse ntho e tshosang le ntho e letsetswang molodi, ke etse hore le senyehele ruri.
-