-
2 Dikronike 36:10-12Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
10 Ha selemo se qala,* Morena Nebukadnezare a romela banna ba hae hore ba mo tlise Babilona+ le dintho tsa bohlokwa tsa ntlo ya Jehova.+ A etsa Tsedekia ngwanabo ntate wa hae morena wa Juda le Jerusalema.+
11 Tsedekia+ o ne a le dilemo di 21 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 11.+ 12 O ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova Modimo wa hae. Ha a ka a ikokobelletsa moprofeta Jeremia+ ya neng a bua dintho tseo a di laetsweng ke Jehova.
-