12 Morena Jojakine wa Juda a ya ho morena wa Babilona+ a ena le mme wa hae, bahlanka ba hae, dikgosana le balaodi ba hae ba lekgotla.+ Ha morena wa Babilona a ena le dilemo tse robedi a busa, a isa Jojakine botlamuweng.+
24 “Jehova, Modimo ya phelang o re: ‘Ke hlapanya ka nna hore esita le haeba wena Konia*+ mora wa Jojakime,+ morena wa Juda, o ne o le reng e tempang e letsohong la ka le letona, ke ne ke tla o rola.