-
Jeremia 39:13, 14Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
13 Ka hoo, Nebuzaradane mookamedi wa balebedi, Nebushazbane Morabsarise,* Nergale-sharezere Morabemake* le banna bohle ba ka sehloohong ba morena wa Babilona ba roma banna 14 hore ba tlose Jeremia Lebaleng la Balebedi+ mme ba mo ise ho mora wa Akikame+ e leng Gedalia+ setloholo sa Shafane,+ hore a ye ntlong ya Gedalia. Ka hoo, Jeremia a lokollwa mme a phela le setjhaba.
-
-
Jeremia 41:2Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
2 Ishmaele mora wa Nethania le banna ba leshome ba neng ba ena le yena ba ema mme ba bolaya mora wa Akikame e leng Gedalia, setloholo sa Shafane ka sabole. A bolaya monna eo morena wa Babilona a neng a mo behile hore a okamele naha.
-