-
Jeremia 30:10, 11Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
10 Jehova o re: “Wena Jakobo mohlanka wa ka, o se ke wa tshoha,
O se ke wa haroha letswalo, wena Iseraele.+
Etswe ke tla o pholosa o le hole,
Ke pholose le bana ba hao naheng eo ba isitsweng ho yona ha ba ne ba haptjwa.+
Jakobo o tla kgutla mme a phele ka kgotso le kgutso,
Ho se na motho ya tla mo tshosa.”+
11 Jehova o re: “Ke na le wena ho o pholosa
Empa ke tla fedisa ditjhaba tsohle tseo ke o hasanyeditseng ho tsona.+
Le ha ho le jwalo, wena nke ke ka o fedisa.+
-