12 O tla phahamisetsa ditjhaba letshwao* mme a bokelle ba qhalakantsweng ba Iseraele.+ Ba hasantsweng ba Juda o tla ba bokella ho tswa dikgutlong tse nne tsa lefatshe.+
18 “Matsatsing ao ba tla tsamaya ha mmoho, ba ntlo ya Juda ba tla tsamaya le ba ntlo ya Iseraele+ mme ba tle ba tswa naheng ya leboya ba kene naheng eo ke e fileng baholoholo ba lona e le lefa.+
11 Batho ba Juda le ba Iseraele ba tla bokana ba be mmoho.+ Ba tla ikgethela moetapele mme ba tswe naheng hobane letsatsi la Jezriele+ le tla ba leholo.”