Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Esaia 21:2
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  2 Ke boleletswe pono e tshosang:

      Molotsana o sebetsa ka bolotsana

      Le ya timetsang o a timetsa.

      Nyoloha, wena Elame! Thibella, wena Media!+

      Ke tla fedisa mahlomola ohle ao a* a bakileng.+

  • Jeremia 51:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Leotsang marumo.+ Nkang dithebe.*

      Jehova o susumeleditse* marena a Bamede hore a ye ntweng+

      Hobane o rerile ho ripitla Babilona.

      Jehova o a iphetetsa, o iphetetsa bakeng sa tempele ya hae.

  • Jeremia 51:27, 28
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 27 Phahamisang letshwao* naheng.+

      Letsang lenaka hara ditjhaba.

      Kgethang* ditjhaba tse tla lwantsha Babilona.

      Mo bitsetseng mebuso ya Ararate,+ Mini le Ashkenaze.+

      Laelang ofisiri ya sesole hore e mo lwantshe.

      Nyollang dipere jwalo ka ditsie tse ngata.

      28 Kgethang* ditjhaba hore di mo hlasele

      Le marena a Media,+ babusi ba yona, batlatsi bohle ba babusi ba yona

      Le dinaha tsohle tse pusong ya bona.

  • Jeremia 51:48
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 48 Mahodimo le lefatshe le tsohle tse ho tsona

      Di tla hweletsa di thabile ha Babilona a wa,+

      Etswe ba tlo mo fedisa ba tla tla ho yena ba tswa leboya,”+ ke Jehova ya tjhong.

  • Daniele 5:28
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 28 PERES, mmuso wa hao o arotswe mme o filwe Bamede le Bapersia.”+

  • Daniele 5:30
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 30 Bosiung bona boo Belshatsare morena wa Bakalde a bolawa.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela