-
Jeremia 18:7-10Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 Neng kapa neng ha nka bua ka ho fothola, ho diha le ho senya setjhaba kapa mmuso+ 8 ebe setjhaba seo se tlohela bokgopo ba sona boo ke buileng ka bona, ke tla fetola maikutlo* ka tlokotsi eo ke neng ke rerile ho se tlisetsa yona.+ 9 Empa neng le neng ha ke bua ka ho haha le ho hloma setjhaba kapa mmuso 10 ebe se etsa dintho tse fosahetseng mahlong a ka mme ha se mmamele, ke tla fetola maikutlo* ka molemo oo ke neng ke rerile ho se etsetsa wona.’
-
-
Jeremia 24:5, 6Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
5 “Nna, Jehova Modimo wa Iseraele ke re: ‘Bajuda ba hapilweng, bao ke ba lelekileng sebakeng sena ho ya naheng ya Bakalde, ke tla ba rata jwalo ka difeie tsena tse ntle. 6 Ke tla ba beha leihlo e le hore ke ba etse hantle mme ke ba kgutlisetse naheng ena.+ Ke tla ba haha, nke ke ka ba diha. Ke tla ba hloma, nke ke ka ba fothola.+
-