Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Esaia 45:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 45 Ana ke mantswe ao nna Jehova ke a boleletseng motlotsuwa wa ka, Saeruse,+

      Eo ke tshwereng letsoho la hae le letona+

      Hore ke hlole ditjhaba ka pela hae+

      Le hore ke amohe marena matla,*

      Ke bule ka pela hae menyako e nang le mamati a mabedi

      E le hore dikeiti di se ke tsa kwalwa:

  • Jeremia 51:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Leotsang marumo.+ Nkang dithebe.*

      Jehova o susumeleditse* marena a Bamede hore a ye ntweng+

      Hobane o rerile ho ripitla Babilona.

      Jehova o a iphetetsa, o iphetetsa bakeng sa tempele ya hae.

  • Jeremia 51:27, 28
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 27 Phahamisang letshwao* naheng.+

      Letsang lenaka hara ditjhaba.

      Kgethang* ditjhaba tse tla lwantsha Babilona.

      Mo bitsetseng mebuso ya Ararate,+ Mini le Ashkenaze.+

      Laelang ofisiri ya sesole hore e mo lwantshe.

      Nyollang dipere jwalo ka ditsie tse ngata.

      28 Kgethang* ditjhaba hore di mo hlasele

      Le marena a Media,+ babusi ba yona, batlatsi bohle ba babusi ba yona

      Le dinaha tsohle tse pusong ya bona.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela