-
Esaia 40:22Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
O otlolla mahodimo jwalo ka lesela le lesesaane la boleng bo phahameng,
O a ala jwalo ka tente eo ho dulwang ho yona.+
-
-
Jeremia 10:12-16Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
13 Lentswe la hae le etsa hore
Metsi a mahodimong a lwebehlane,+
O etsa hore maru* a nyolohe ho tswa dikgutlong tsa lefatshe.+
14 Motho e mong le e mong o etsa dintho ka ho se nahane le ka ho hloka tsebo.
Motho e mong le e mong ya sebetsang ka tshepe o tla hlajwa ke dihlong ka lebaka la setshwantsho se betlilweng,+
Etswe ditshwantsho* tsa hae tse entsweng ka tshepe di a thetsa
15 Ha di na thuso, di lokelwa ke ho songwa.+
Ha letsatsi la kahlolo le fihla, di tla timela.
16 Empa Modimo wa Jakobo ha a tshwane le tsona,
Ke yena ya entseng ntho e nngwe le e nngwe
Mme Iseraele ke lere la lefa la hae.+
Lebitso la hae ke Jehova wa mabotho.+
-