Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Esaia 13:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Ke ka lebaka leo ke tla etsa hore lehodimo le thothomele

      Mme lefatshe le tla reketla le tlohe madulong a lona+

      Ka lebaka la kgalefo ya Jehova wa mabotho letsatsing la bohale ba hae bo tukang.

  • Esaia 13:19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 Babilona, e ntle ka ho fetisisa hara mebuso,*+

      Ke botle le kganya ya Bakalde.*+

      E tla tshwana le Sodoma le Gomora ha Modimo a ne a di fedisa.+

  • Jeremia 50:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Babilona e ke ke ya eba le baahi ka lebaka la kgalefo ya Jehova,+

      E tla ba sebaka se se nang letho.+

      Mang kapa mang ya fetang pela Babilona o tla e sheba a tshohile,

      A letse molodi ka lebaka la dikotlo tsohle tsa yona.+

  • Jeremia 50:39, 40
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 39 Ka hona, diphoofolo tse dulang lehwatateng di tla dula mmoho le diphokojwe*

      Mme dimpshe di tla dula Babilona.+

      Ha e sa tla hlola e eba le baahi.

      Ho ke ke ha hlola ho eba le moloko o dulang teng.”+

      40 Jehova o re: “Ha ho na motho ya tla dula Babilona mme ha ho na motho ya tla phela teng.+ E tla tshwana le Sodoma le Gomora+ le metse e e potolohileng+ ka mora hore Modimo a e fedise.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela