8 Empa ha e le Tsedekia+ morena wa Juda, dikgosana tsa hae, batho ba Jerusalema ba setseng naheng ena le ba dulang naheng ya Egepeta,+ ho nna ba tla ba jwalo ka difeie tse mpe hoo di ke keng tsa jewa,’+ ke Jehova ya tjhong.
21 Ke tla nehelana ka Morena Tsedekia wa Juda le dikgosana tsa hae matsohong a dira tsa bona, matsohong a ba batlang ho ba bolaya le matsohong a mabotho a morena wa Babilona+ a seng a sa batle ho le hlasela.+
17 Morena Tsedekia a mo bitsa. Ha a se a le ka tlung*+ a mo botsa dipotso ka lekunutu a re: “Na ho na le molaetsa o tswang ho Jehova?” Jeremia a re: “E, o teng. O tla nehellwa morena wa Babilona.”+
18 Empa haeba o ke ke wa inehela* ho diofisiri tse kgolo tsa morena wa Babilona, motse ona o tla nehellwa Bakalde, ba o tjhese ka mollo+ mme wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.’”+