Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • 1 Marena 9:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Ntlo ena e tla senyeha.+ Motho e mong le e mong ya fetang o tla e makalla, a letse molodi a re, ‘Ke hobaneng ha Jehova a entse naha ee le ntlo ee tjee?’+

  • 2 Dikronike 36:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 A etsa hore morena wa Bakalde a ba hlasele+ a be a bolaye bahlankana ba bona ka sabole+ ka sehalalelong.+ Ha a ka a qenehela mohlankana kapa morwetsana, ya tsofetseng kapa ya kulang.+ Modimo a etsa hore a fedise dintho tsohle.+

  • 2 Dikronike 36:19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 A tjhesa ntlo ya Modimo wa nnete,+ a diha lerako la Jerusalema,+ a tjhesa ditora tsohle tsa yona tse sireletsehileng mme a senya dintho tsohle tsa bohlokwa.+

  • Pesaleme 74:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  8 Tsona le bana ba tsona di itse ka dipelong tsa tsona:

      “Dibaka tsohle tsa Modimo* tseo ho kopanelwang ho tsona naheng ena di lokela ho tjheswa.”

  • Pesaleme 79:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 79 Modimo, ditjhaba di hlasetse lefa la hao.+

      Di silafaditse tempele ya hao e halalelang.+

      Di entse Jerusalema qubu ya majwe.+

  • Jeremia 26:18
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 “Mehleng ya Ezekiase+ morena wa Juda, Mikea+ wa Moreshethe o ne a profeta mme a re ho batho bohle ba Juda: ‘Jehova wa mabotho o re:

      “Sione e tla lengwa jwalo ka tshimo,

      Jerusalema e tla fetoha qubu ya majwe+

      Mme thaba ya tempele* e tla tshwana le leralla le nang le difate.”’*+

  • Dillo Tsa Jeremia 2:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  7 Jehova o lahlile aletare ya hae.

      O furaletse sehalalelo sa hae.+

      O nehelane ka mehaho ya Sione e melelele e sireletsehileng.+

      Ba entse lerata ka tlung ya Jehova+ ekare ke letsatsi la mokete.

  • Ezekiele 24:21
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 “Bolella Baiseraele hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke haufi le ho silafatsa sehalalelo sa ka,+ seo le ikotlang sefuba ka sona le seo le se ratang ka dipelo tsohle tsa lona. Bana ba lona bao le ba siileng ba tla bolawa ka sabole.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela