12 Morena Jojakine wa Juda a ya ho morena wa Babilona+ a ena le mme wa hae, bahlanka ba hae, dikgosana le balaodi ba hae ba lekgotla.+ Ha morena wa Babilona a ena le dilemo tse robedi a busa, a isa Jojakine botlamuweng.+
14 Morena Nebukadnezare a isa batho ba 10 000 ba Jerusalema botlamuweng e leng dikgosana tsohle,+ banna bohle ba matla, ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho le ba sebetsang ka tshepe.*+ Ba nka batho bohle naheng ntle le ba futsanehileng haholo.+