Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Joshua 23:6, 7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 6 Jwale le be sebete haholo mme le boloke le ho etsa dintho tsohle tse ngotsweng bukeng ya Molao+ wa Moshe ka hore le ka mohla le se ke la o kgeloha ho ya ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi+ 7 mme le se ke la itswakanya le ditjhaba tsena+ tse setseng le lona. Le se ke la bua le ka mabitso a medimo ya tsona+ kapa la hlapanya ka yona hape le ka mohla le se ke la e sebeletsa kapa la e inamela.+

  • Jeremia 2:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Na setjhaba se kile sa tlohela medimo ya sona yaba se ya medimong ya bohata?

      Empa batho ba ka ba ntlohetse, nna Modimo ya matla mme ba ya nthong e se nang thuso.+

  • Jeremia 12:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 “Haeba ba etsa bonnete ba hore ba ithuta ditsela tsa setjhaba sa ka le ho hlapanya ka lebitso la ka ba re: ‘Ka Jehova ya phelang!’ feela jwalo ka ha ba rutile setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, jwale ba tla balellwa hara setjhaba sa ka.

  • Sofonia 1:4, 5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  4 Ke tla otla Juda

      Ke be ke otle baahi ba Jerusalema,

      Ke fiele mesaletsa ya Baale sebakeng sena,+

      Ha mmoho le baprista ba medimo esele le baprista ba bohata,+

       5 Ke fedise bohle ba kgumamelang dintho tsohle tse mahodimong* ba le ka hodima matlo a bona+

      Le ba kgumamelang Jehova ba ikana hore ba tla mo tshepahalla+

      Empa ba boetse ba ikana hore ba tla tshepahalla Malkame+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela