Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Deuteronoma 4:27
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 27 Jehova o tla le hasanya hara ditjhaba+ mme ho tla phonyoha ba seng bakae+ ho lona ditjhabeng tseo Jehova a tla be a le leleketse ho tsona.

  • Deuteronoma 28:48
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 48 Jehova o tla romela dira ho lona mme le tla di sebeletsa+ le ntse le lapile,+ le nyorilwe, le se na diaparo ebile le se na letho. O tla beha joko ya tshepe melaleng ya lona ho fihlela a le fedisitse.

  • Deuteronoma 29:24, 25
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 24 bona le ditjhaba tsohle ba tla re, ‘Ke hobaneng ha Jehova a entse naha ee tjee?+ Keng e entseng hore a halefe hakana?’ 25 Jwale ba tla re, ‘Ke hobane ba tlohetse selekane sa Jehova,+ Modimo wa baholoholo ba bona, seo a se entseng le bona ha a ba ntsha naheng ya Egepeta.+

  • 2 Dikronike 7:21, 22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 Ntlo ena e tla senyeha. Motho e mong le e mong ya fetang o tla e makalla+ a re: ‘Ke hobaneng ha Jehova a entse naha ee le ntlo ee tjee?’+ 22 Ba tla re: ‘Ke hobane ba lahlile Jehova+ Modimo wa baholoholo ba bona ya ba ntshitseng naheng ya Egepeta+ yaba ba sebeletsa medimo e meng le ho e rapela.+ Ke ka lebaka leo a ba tliseditseng tlokotsi ena.’”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela