14 Jehova a re ho nna: “Baprofeta bao ba profeta mashano ka lebitso la ka.+ Ha ke a ka ka ba roma, ka ba laela kapa ka bua le bona.+ Ba le bolella pono ya bohata, bonohe bo se nang thuso le mashano ao ba iqapetseng ona.*+
6 Ba reng, ‘Jehova o itse’ empa Jehova a sa ba roma, ba bone dipono tsa leshano mme ba profetile leshano. Le ha ho le jwalo, ba emetse hore mantswe a bona a phethahale.+