-
Ezekiele 8:10, 11Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
10 Ka hoo, ka kena yaba ke a sheba, ka bona mefuta yohle ya ditshwantsho tsa diphoofolo tse hahabang, dibata tse nyonyehang+ le ditshwantsho tsohle tse rapelwang tse nyonyehang* tsa Baiseraele.+ Di ne di betlilwe leboteng ho le potapota ka hohle. 11 Baholo ba 70 ba Iseraele ba ne ba eme ka pela tsona mme Jazania mora wa Shafane+ a eme hara bona. E mong le e mong wa bona a tshwere pitsa eo ho tjhesetswang dibano ho yona mme mosi o nkgang ha monate wa dibano o ne o nyoloha.+
-