17 Le se ke la ahlola moditjhaba kapa kgutsana*+ ka mokgwa o se nang toka hape le se ke la nka seaparo sa mohlolohadi e le bopaki ba hore o tla patala.*+
9 “Jehova wa mabotho o re, ‘Ahlolang ka toka,+ le ratane+ le be le hauhelane. 10 Le se ke la etsetsa mohlolohadi bolotsana kapa kgutsana,*+ moditjhaba+ kapa mofutsana.+ Le se ke la rerelana bokgopo.’+
27 Mofuta wa borapedi o hlwekileng ho Modimo Ntate wa rona ke ona: Ho hlokomela dikgutsana+ le bahlolohadi+ ha ba ena le mathata+ le hore motho a se ke a silafatswa ke tsela eo batho ba sa mameleng ba phelang ka yona.+