-
2 Dikronike 36:15, 16Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Jehova Modimo wa baholoholo ba bona a nna a ba lemosa ka baromuwa ba hae. O ne a ba lemosa ka makgetlo a mangata hobane a utlwela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ya hae e fediswe. 16 Empa ba ile ba soma baromuwa bao ba Modimo wa nnete,+ ba nyatsa mantswe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa kgone ho thuswa.
-
-
Jeremia 25:3, 4Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
3 “Ho tloha selemong sa bo13 sa puso ya Josiase+ mora wa Amone, morena wa Juda, ho fihlela hona jwale, ka dilemo tsena tse 23, Jehova o ile a bua le nna. Yaba nna ke bua le lona ka makgetlokgetlo* empa le ne le sa mamele.+ 4 Jehova o ile a roma bahlanka bohle ba hae ba baprofeta ho lona. O ile a ba roma ka makgetlokgetlo* empa ha le a ka la mamela kapa la sekeha tsebe hore le utlwe.+
-