Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • 2 Marena 17:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Jehova a nna a lemosa Baiseraele le Bajuda a sebedisa baprofeta bohle ba hae le batho bohle ba bonang dipono+ a re: “Tlohelang ho etsa dintho tse mpe!+ Le mamele ditaelo tsa ka ho ya ka melao yohle eo ke e fileng baholoholo ba lona le eo ke ileng ka le romella yona ke sebedisa bahlanka ba ka e leng baprofeta.”

  • 2 Dikronike 36:15
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Jehova Modimo wa baholoholo ba bona a nna a ba lemosa ka baromuwa ba hae. O ne a ba lemosa ka makgetlo a mangata hobane a utlwela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ya hae e fediswe.

  • Nehemia 9:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 Ba ile ba hana ho mamela,+ ba lebala diketso tsa hao tse hlollang tseo ba ileng ba bona ha o di etsa. Ba eba manganga* mme ba kgetha moetapele hore ba kgutlele bokgobeng ba bona Egepeta.+ Empa ka ha o Modimo ya ikemiseditseng ho tshwarela,* ya utlwelang batho bohloko le ya mohau,* ya diehang ho halefa le ya lerato,*+ ha o a ka wa ba lahla.+

  • Nehemia 9:30
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 30 O ile wa ba mamella+ ka dilemo tse ngata mme ka moya wa hao wa nna wa ba lemosa o sebedisa baprofeta ba hao empa ba hana ho mamela. Qetellong wa nehelana ka bona matsohong a batho ba dinaha tse ding.+

  • Jeremia 25:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 4 Jehova o ile a roma bahlanka bohle ba hae ba baprofeta ho lona. O ile a ba roma ka makgetlokgetlo* empa ha le a ka la mamela kapa la sekeha tsebe hore le utlwe.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela