-
Deuteronoma 12:29-31Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
29 Ha Jehova Modimo wa lona a fedisa ditjhaba tseo le tlang ho di leleka+ mme le dula naheng ya tsona, 30 le itlhokomele hore le se ke la latela ditsela tsa tsona ka mora hore di fediswe ka pela lona. Le se ke la botsa ka medimo ya tsona la re, ‘Ditjhaba tsee di ne di sebeletsa medimo ya tsona jwang? Le rona re tla etsa se tshwanang.’+ 31 Le se ke la rapela Jehova Modimo wa lona ka tsela eo hobane ditjhaba tseo di etsetsa medimo ya tsona ntho e nngwe le e nngwe e nyonyehang eo Jehova a e hloileng, esita le ho tjhesa bara le baradi ba tsona mollong bakeng sa medimo ya tsona.+
-