Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Deuteronoma 4:19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 Ha le phahamisetsa mahlo a lona mahodimong mme le bona letsatsi le kgwedi le dinaledi, e leng makgotla ohle a mahodimo, le se ke la lekeha hore le a sebeletse kapa le a inamele.+ Jehova Modimo wa lona o a file ditjhaba tsohle tse tlasa mahodimo ohle.

  • 2 Marena 17:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Ha ba a ka ba mamela melao yohle ya Jehova Modimo wa bona yaba ba iketsetsa manamane a mabedi+ a tshepe* le palo e halalelang.*+ Ba kgumamela makgotla ohle a lehodimo+ mme ba sebeletsa le Baale.+

  • 2 Marena 21:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 Manase+ o ne a le dilemo di 12 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 55.+ Lebitso la mme wa hae e ne e le Hefziba.

  • 2 Marena 21:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 A haha botjha dibaka tse phahameng tseo ntate wa hae Ezekiase a neng a di sentse+ mme a etsetsa Baale dialetare le palo e halalelang*+ feela jwalo ka ha Akabe morena wa Iseraele a ne a entse.+ O ile a inamela makgotla ohle a lehodimo le ho a sebeletsa.+

  • Jeremia 19:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla silafala jwalo ka Tofethe+ hobane ba ile ba etsetsa makgotla ohle a mahodimo mahlabelo marulelong a ona+ mme ba tshella medimo e meng dinyehelo tsa dino moo.’”+

  • Ezekiele 8:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 A ntlisa lebaleng le ka hare la ntlo ya Jehova.+ Monyako wa tempele ya Jehova, pakeng tsa foranta le aletare, ho ne ho ena le banna ba ka bang 25 ba furaletseng tempele ya Jehova, difahleho tsa bona di shebile ka botjhabela. Ba ne ba kgumamela letsatsi ba shebile ka botjhabela.+

  • Sofonia 1:4, 5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  4 Ke tla otla Juda

      Ke be ke otle baahi ba Jerusalema,

      Ke fiele mesaletsa ya Baale sebakeng sena,+

      Ha mmoho le baprista ba medimo esele le baprista ba bohata,+

       5 Ke fedise bohle ba kgumamelang dintho tsohle tse mahodimong* ba le ka hodima matlo a bona+

      Le ba kgumamelang Jehova ba ikana hore ba tla mo tshepahalla+

      Empa ba boetse ba ikana hore ba tla tshepahalla Malkame+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela