-
Numere 13:26, 27Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
26 Ka hoo, ba kgutlela ho Moshe le Arone le ho setjhaba sohle sa Baiseraele lefeelleng la Parane, Kadeshe.+ Ba tlisa tlaleho ho setjhaba sohle mme ba se bontsha ditholwana tsa naha. 27 Ba tlalehela Moshe ba re: “Re kene naheng eo o re rometseng ho yona. E phalla lebese le mahe a dinotshi+ mme tsena ke ditholwana tsa yona.+
-
-
Deuteronoma 6:10, 11Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
10 Ha Jehova Modimo wa lona a le tlisa naheng eo a hlapanyeditseng baholoholo ba lona e leng Abrahama, Isaka le Jakobo hore o tla le fa yona+ e leng metse e meholo le e metle eo le sa kang la e haha,+ 11 matlo a tletseng dintho tsa mefuta yohle tse ntle tseo le sa kang la di sebeletsa, didiba tseo le sa kang la di tjheka, dirapa tsa morara le difate tsa mohlwaare tseo le sa kang la di lema mme le jele ebile le kgotsofetse,+
-
-
Deuteronoma 8:7-9Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 Jehova Modimo wa lona o le tlisa naheng e ntle,+ naha ya melapo ya metsi* le didiba* tse phallang thoteng le dithabeng, 8 naha ya koro le harese, ya dirapa tsa morara, difate tsa feie* le dikgarenate,+ naha ya oli ya mohlwaare le mahe a dinotshi,+ 9 naha eo dijo di ke keng tsa haella le moo le ke keng la haellwa ke letho, naha eo majwe a yona e leng a tshepe le eo dithabeng tsa yona le tla rafa koporo.
-