7 Ka lebaka leo, lona badisa mamelang mantswe a Jehova. 8 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Dinku tsa ka di fetohile dijo tsa dibata tsohle tsa naha hobane di se na modisa. Badisa ba ka ha ba a di batla. Ho ena le hoo, ba ile ba iphepa yaba ha ba fepe dinku tsa ka.’