22 Bolella Baiseraele hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Lona Baiseraele, ha ke etse dintho tsena ka lebaka la lona empa ka lebaka la lebitso la ka le halalelang leo le le silafaditseng hara ditjhaba tseo le neng le le ho tsona.’+
15 Jehova Modimo wa rona, wena ya ntshitseng batho ba hao naheng ya Egepeta ka matla a hao+ mme wa etsa hore lebitso la hao le tsebahale ho fihlela letsatsing lena,+ re entse sebe le bokgopo.