-
Deuteronoma 5:12-14Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
12 Boloka letsatsi la Sabatha mme o le nke le halalela feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa hao a o laetse.+ 13 O etse mosebetsi wohle wa hao ka matsatsi a tsheletseng+ 14 empa letsatsi la bosupa ke sabatha ya Jehova Modimo wa hao.+ O se ke wa etsa mosebetsi le ha e le ofe,+ ebang ke wena, mora wa hao, moradi wa hao, lekgoba la hao la monna kapa la mosadi, poho ya hao, tonki ya hao, phoofolo ya hao e ruilweng kapa moditjhaba wa hao ya dulang motseng* wa hao,+ e le hore lekgoba la hao la monna le la mosadi le ka phomola jwalo ka wena.+
-