3 Jehova o re: “Sebetsang ka toka le ho loka. Motho ya utswetswang le mo pholose letsohong la molotsana. Le se ke la tshwara moditjhaba hampe mme le se ke la ntsha kgutsana* kapa mohlolohadi kotsi.+ Le se ke la bolaya batho ba se nang molato sebakeng sena.+
29 Baahi ba hao ba utswetsa batho+ ebile ba sotla batho ba hlokang le ba futsanehileng. Ba etsetsa baditjhaba bolotsana ebile ha ba ba tshware ka toka.