LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 29:24-26
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 24 bona le ditjhaba tsohle ba tla re, ‘Ke hobaneng ha Jehova a entse naha ee tjee?+ Keng e entseng hore a halefe hakana?’ 25 Jwale ba tla re, ‘Ke hobane ba tlohetse selekane sa Jehova,+ Modimo wa baholoholo ba bona, seo a se entseng le bona ha a ba ntsha naheng ya Egepeta.+ 26 Empa ba ile ba tsamaya mme ba sebeletsa medimo e meng, ba e inamela, medimo eo ba sa kang ba e tseba le eo a neng a sa ba dumella hore ba e rapele.*+

  • 1 Marena 9:8, 9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Ntlo ena e tla senyeha.+ Motho e mong le e mong ya fetang o tla e makalla, a letse molodi a re, ‘Ke hobaneng ha Jehova a entse naha ee le ntlo ee tjee?’+ 9 Ba tla re, ‘Ke hobane ba lahlile Jehova Modimo wa bona ya ntshitseng baholoholo ba bona naheng ya Egepeta yaba ba sebeletsa medimo e meng le ho e inamela. Ke ka lebaka leo Jehova a ba tliseditseng tlokotsi ena.’”+

  • Dillo Tsa Jeremia 2:15
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Bohle ba fetang ka tsela ba o opela diatla ba swentse.+

      Ba letsetsa moradi wa Jerusalema molodi ka ho makala+ mme ba sisinya dihlooho ba re:

      “Na motse oo ke oo ba neng ba re ka wona: ‘O motle hakaakang. Lefatshe lohle le ikotla sefuba ka wona’?”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share