-
2 Marena 23:29, 30Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
29 Mehleng ya Josiase, Faro Neko morena wa Egepeta a kopana le morena wa Asiria Nokeng ya Eufrate. Morena Josiase a yo lwantsha Neko empa ha Neko a mo bona Megido a mo bolaya.+ 30 Bahlanka ba Josiase ba nka setopo sa hae Megido ka kariki, ba se isa Jerusalema yaba ba mo patela lebitleng la hae. Bajuda ba tlotsa Joakaze mora wa Josiase mme ba mo etsa morena.+
-