-
Baahlodi 10:13-15Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
13 Empa le ile la tlohela ho ntshebeletsa mme la sebeletsa medimo e meng.+ Ka lebaka leo nke ke ka le pholosa hape.+ 14 Eyang ho medimo eo le e kgethileng mme le kope thuso ho yona,+ e be yona e le thusang ha le ena le mathata.”+ 15 Empa Baiseraele ba re ho Jehova: “Re entse sebe. Re fe kotlo efe kapa efe eo o bonang e re loketse. Empa re kopa hore o mpe o re pholose letsatsing lena.”
-
-
Pesaleme 78:34Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
34 Empa ho sa tsotellehe hore na o ne a ba bolaya hangata hakae, ba ne ba dula ba mo kopa thuso,+
Ba ne ba kgutla mme ba batla Modimo,
-