21 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re ka Akabe mora wa Kolaia le Tsedekia mora wa Maseia, ba le profetelang mashano ka lebitso la ka:+ ‘Ke tla nehelana ka bona letsohong la Morena Nebukadnezare* wa Babilona mme o tla ba bolaya ka pela mahlo a lona.
23 Ba entse dintho tse swabisang Iseraele,+ ba feba le basadi ba baahisani ba bona le ho bua mashano ka lebitso la ka, mashano ao ke sa kang ka ba laela hore ba a bue.+
“Ke nna ya tsebang ebile ke paki,”+ ke Jehova ya tjhong.’”