14 Jehova a re ho nna: “Baprofeta bao ba profeta mashano ka lebitso la ka.+ Ha ke a ka ka ba roma, ka ba laela kapa ka bua le bona.+ Ba le bolella pono ya bohata, bonohe bo se nang thuso le mashano ao ba iqapetseng ona.*+
3 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ho madimabe baprofeta ba se nang kelello, ba latelang se ka dipelong tsa bona empa ho se na pono eo ke ba bontshitseng yona.+
28 Baprofeta ba hao ba kwahetse diketso tsa bona tse mpe jwalo ka ha eka ba di kwahetse ka pente e tshweu. Ba bona dipono tsa leshano ebile ba fana ka bonohe ba leshano+ ba re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o itse” empa Jehova a sa bua letho.