14 Jehova a re ho nna: “Baprofeta bao ba profeta mashano ka lebitso la ka.+ Ha ke a ka ka ba roma, ka ba laela kapa ka bua le bona.+ Ba le bolella pono ya bohata, bonohe bo se nang thuso le mashano ao ba iqapetseng ona.*+
15 Ha ke a ba roma empa ba profeta mashano ka lebitso la ka. Ha le ka ba mamela, ke tla le qhalakanya mme le tla shwa, lona le baprofeta ba le profetelang,” ke Jehova ya tjhong.+
8 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Le se ke la dumela ho thetswa ke dinohe le baprofeta ba hara lona+ hape le se ke la mamela ditoro tseo ba di lorang. 9 Jehova o re: ‘Ba le profetela mashano ka lebitso la ka. Ha ke a ba roma.’”+