-
2 Marena 24:15, 16Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 A isa Jojakine+ botlamuweng Babilona.+ A boela a tlosa mme wa morena, basadi ba morena, balaodi ba lekgotla le banna ba hlomphehang naheng ba neng ba le Jerusalema yaba o ba isa botlamuweng Babilona. 16 Morena wa Babilona a isa masole a 7 000 botlamuweng Babilona, banna ba etsang mesebetsi ya matsoho ba 1 000 le ba sebetsang ka tshepe e leng banna bohle ba matla le ba kwetliseditsweng ho lwana.
-
-
Jeremia 29:1, 2Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
29 Ana ke mantswe a hlahang lengolong leo moprofeta Jeremia a ileng a le romela a le Jerusalema. O ile a le romela banna ba baholo ba hara batho ba hapuweng, baprista, baprofeta le batho bohle bao Nebukadnezare a neng a ba hapile a ba tlositse Jerusalema ho ba isa Babilona. 2 Ka nako eo, Morena Jekonia,+ mme wa morena,*+ balaodi ba lekgotla, dikgosana tsa Juda le Jerusalema, ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho le batho ba sebetsang ka tshepe* ba ne ba se ba tswile Jerusalema.+
-