Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • 2 Marena 21:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Ntle le sebe seo Manase a ileng a etsa hore Bajuda ba se etse ka hore ba fosetse Jehova, o ile a bolaya batho ba bangata haholo ba se nang molato. A bolaya batho ho tloha qalong ya Jerusalema ho ya qetellong ya yona.+

  • Pesaleme 106:38
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 38 Ba nna ba bolaya batho ba se nang molato,+

      Ba bolaya bara le baradi ba bona

      Ka ho etsetsa ditshwantsho tsa Kanana mahlabelo ka bona.+

      Ba silafatsa naha ka ho tsholla madi.

  • Esaia 10:1, 2
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Ho madimabe ba etsang melao ya tsamaiso e kotsi+

      Le ba dulang ba ngola melao e hatellang,

       2 E le hore ba hanele bafutsana ka ditokelo tsa bona tsa molao

      Le hore bafutsana ba hara setjhaba sa ka, ba ba sebeletse ka ho hloka toka+

      Hore ba nke thepa ya bahlolohadi

      Le hore ba tlatlape dikgutsana.*+

  • Matheu 23:35
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 35 e le hore le ka ba molato wa madi a batho bohle ba lokileng ba bolaetsweng lefatsheng, ho tloha ka madi a Abele+ ya lokileng ho ya ka a Zakaria mora wa Barakia, eo le mo bolaetseng dipakeng tsa sehalalelo le aletare.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela