7 ke tla fedisa Baiseraele hohle naheng eo ke ba fileng yona,+ ke tlose ntlo eo ke e halaleditseng bakeng sa lebitso la ka+ mme Baiseraele ba tla makallwa ba be ba tshehwe* ke batho bohle.+
12 “‘Eyang tabernakeleng ya ka e Shilo,+ moo ke ileng ka etsa hore lebitso la ka le dule teng pele+ mme le bone hore na ke e entseng ka lebaka la bokgopo ba setjhaba sa ka sa Iseraele.+
14 Ka hoo, ntlo e bitswang ka lebitso la ka+ eo le e tshepileng+ le sebaka seo ke le fileng sona le baholoholo ba lona, ke tla di etsa ntho e tshwanang hantle le eo ke e entseng Shilo.+
18 Mamela hle Modimo wa ka mme o utlwe. Bula mahlo a hao mme o bone boemo ba rona bo otlang pelo le motse o bitswang ka lebitso la hao. Ha re o kope hobane re le batho ba lokileng empa re o kopa hobane o le Modimo ya mohau.+