-
2 Marena 24:11Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
11 Morena Nebukadnezare wa Babilona o ile a fihla Jerusalema ha bahlanka ba hae ba ntse ba e thibeletse.
-
-
Jeremia 28:1-3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
28 Selemong sona seo, qalong ya puso ya Morena Tsedekia+ wa Juda, ka selemo sa bone kgweding ya bohlano, moprofeta Hanania mora wa Azure, ya tswang Gibeone+ a re ho Jeremia ka tlung ya Jehova ka pela baprista le setjhaba sohle: 2 “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke tla roba joko ya morena wa Babilona.+ 3 Pele dilemo tse pedi di fela, ke tla kgutlisetsa disebediswa tsohle tsa ntlo ya Jehova mona, disebediswa tseo Morena Nebukadnezare wa Babilona a di nkileng mona a di isa Babilona.+
-
-
Daniele 1:1, 2Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
1 Ka selemo sa boraro sa puso ya Morena Jojakime+ wa Juda, Morena Nebukadnezare wa Babilona a tla Jerusalema mme a e thibella.+ 2 Ha nako e ntse e ya, Jehova a nehelana ka Morena Jojakime wa Juda letsohong la Nebukadnezare+ ha mmoho le tse ding tsa disebediswa tsa ntlo* ya Modimo wa nnete. Nebukadnezare o ile a tlisa disebediswa tseo naheng ya Shinare*+ ka tlung* ya modimo wa hae yaba o di beha matlotlong a modimo wa hae.+
-